Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 3:18
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.


Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.


ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;


A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.


Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


eo re dumeletsweng ka yena ho atamela ho Modimo ka tshepo, ka tumelo eo re nang le yona ho yena.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Hobane hoja taba di dutse jwalo, ekabeba o hlabilwe hangata, haesale lefatshe le thewa; empa jwale, hobane nako di phethehe, o hlahile hang ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.


Ke ka wona moya oo a ileng ho bolella meya e teronkong,


Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;


Hobane Evangeli e behetswe le bona ba shweleng, e leng hore, leha ba ahlotswe nameng ka mokgwa wa batho, ba phele moyeng pela Modimo.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ