Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa ha le utlwa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa ha le utlwa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 3:14
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

U ke ke wa tshaba letsoso le sehloho, leha e le sefefo se tlang ho timetsa ba babe.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Wena Jehova, o tseba tsohle, o nne o nkgopole, o ntlhokomele, o mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kgolo ya hao o se ke wa ntlosa; o ke o lemohe hobane ke jere sekgobo ka baka la hao.


Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Ka baka leo, le se ke la tshaba: le fetisa dirobele tse ngata.


Ya bolokang bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.


Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.


E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.


Jesu a araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya ka tlohelang ntlo, kapa banababo, leha e le bokgaitsedie, kapa ntatae, leha e le mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli,


Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.


Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


jwalokaha Sara a ne a utlwa Abrahama, a mmitsa morena wa hae; eo le lona le leng baradi ba hae, ha le etsa hantle, le sa tshoswe ke letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ