Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Le lejwe le kgopang, le lefika la kgopiso, ho ba kgopjwang ke lentswe, ba sa utlwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Le lejwe le kgopang, le lefika la kgopiso, ho ba kgopjwang ke lentswe, ba sa utlwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla phetha taba eo o ntaoletseng yona; ditaba tse jwalo di sa le ngata ka ho wona.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


Mme nna, banabeso, hoja ke sa bolela lebollo, ekaba ke sa hlorisetswang? Athe kgopiso ya sefapano e ka be e tlohile.


Hobane Modimo ha o a ka wa re beela bohale, empa e le ho re ruisa polokeho ka Morena wa rona Jesu Kreste,


Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.


Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ