Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke wa bohlokwa, empa ho ba sa utlweng, lejwe leo dihahi di ileng tsa le hanela, ke lona le entsweng hlooho ya sekgutlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke wa bohlokwa, empa ho ba sa utlweng, lejwe leo dihahi di ileng tsa le hanela, ke lona le entsweng hlooho ya sekgutlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:7
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, Jehova wa magkotla e tla ba yena moqhaka wa mokgabo, le moqhaka o kganyang ho masala a setjhaba sa hae,


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


hore e be lesedi le tla bonesa ditjhaba, le kganya ya Iseraele, setjhaba sa hao.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


A mpa a ba tjamela, a re: Mme ke eng hona ho ngodilweng: Lejwe le lahlilweng ke dihahi, ke lona le entsweng la motheo la sekgutlo?


Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.


Jwale, wena morena Agripa, ha ke a ka ka hana pontsho eo ya lehodimo;


Empa ha a lekanya Iseraele, o re: Ke otlolotse matsoho a ka ka tsatsi lohle, ho bitsa setjhaba se sa utlweng, se hanyetsang.


hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.


A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ