Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:21
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.


mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele.


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na?


Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore Kreste o ne a tshwanetse ho utlwiswa bohloko, le ho tsoha bafung; a re: Kreste eo ke yena Jesu eo ke le bolellang yena.


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Le be baetsisi ba ka, jwalokaha le nna ke le wa Kreste.


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;


ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.


Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.


Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;


empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.


Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.


Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella banababo rona bophelo ba rona.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ