Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e jwang e neng e lekantswe ke Moya wa Kreste, o neng o le ho bona, ha o ne o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho a latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:11
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.


Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.


Yare ha ba fihla Misia, ba leka ho kena Bithinia; empa Moya wa Jesu o se ke wa ba dumella.


Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ