Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ba tla be ba ikarabe, ba re: ‘Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:9
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.


Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.


Mme ho tla thoe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse; ke kahoo a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?


Ke kahobane le ne le ntse le tjhesa dibano, le hobane le ne le ntse le sitelwa Jehova, le ne le sa utlwe lentswe la Jehova, le ne le sa tsamaye ka molao wa hae, le ka dikahlolo tsa hae, le ka dikeletso tsa hae; ke ka baka leo bobe boo bo le hlahetseng, kamoo ho ntseng ho le kateng le kajeno.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ