Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba ya Ofire, ba lata teng kgauta le ditalenta tse makgolo a mane a mashome a madebi, ba e tlisetsa morena Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ba ya naheng ya Ofire ka dikepe, ho ya lata kgauta teng. Ba tlisetsa kgosi Solomone kgauta e boima ba dikilo tse fetafetang dikete tse leshome le metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:28
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Ofire, le Havila, le Jobabe: bao kaofela ke bara ba Jokthane.


Le dikepe tsa Hirame, tse neng di latile kgauta Ofire, tsa lata Ofire le difate tsa almuge tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa.


Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.


Ofire, Havila, le Jobabe. Bao kaofela ke bara ba Jokthane.


e le ditalenta tsa kgauta tse dikete tse tharo, tsa kgauta ya Ofire, le ditalenta tsa silefera e hlwekileng tse dikete tse supileng, ho tle ho manehuwe mabota a matlo:


Hurame a mo romela dikepe ka bahlanka ba hae, le bahlanka ba tsebang lewatle; ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Salomone, teng ba lata kgauta e ditalenta tse makgolo a mane a mashome a mahlano, ba di tlisetsa morena Salomone.


Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Salomone ba neng ba lata kgauta Ofire, ba tlisa le difate tsa almuge le mahakwe a bohlokwa.


O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.


kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.


Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!


Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.


Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;


Ke tla etsa hore banna ba hlokwe ho fetisa kgauta e ntle, ba hlokwe ho fetisa kgauta e hlwekileng ya Ofire.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ