Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hararo ka selemo, Salomone o ne a hlahisa mahlabelo a ditjheso le mahlabelo a teboho aletareng eo a e hahetseng Jehova, a tjhesa dibano aletareng e pela Jehova. A phetha ntlo jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a haha ntlo jwalo, a ba a e phetha.


ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.


A haha ntlo jwalo, a e phetha, a kwahela ntlo ka difate le ka dipolanka tsa kedare.


Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.


Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.


Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Mosebetsi wohle wa Salomone wa phetheha jwalo, ho qala mohla ho thewang ntlo ya Jehova, ho fihlela e ba e phetheha. Ntlo ya Jehova ya phetheha kahohle.


Aarone a tjhesetse ho yona ka hosasa ho hong le ho hong dibano tse monko o monate; a di tjhese ha a lokisa dilampi.


Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Hoo ye eba mokgwa Iseraeleng: Ka dilemo tsohle, barwetsana ba Iseraele ba ya ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina dithoko tsa moradi wa Jafeta Mogileade.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ