Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:15
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.


Taba ke ena eo a kwenehetseng morena ka baka la yona: Salomone o ne a haha Millo, a thiba dikgeo tsa motse wa ntatae Davida.


Ntatao o re jarisitse joko e boima; ha o ka qephisa tshebetso e thata ya ntatao le joko ya hae e boima, eo a re jarisitseng yona, re tla o sebeletsa.


Salomone a etsa setswalle le Faro, morena wa Egepeta; a nyala moradi wa Faro, a mo tlisa motseng wa Davida, ho fihlela a phetha ho haha ntlo ya hae, le ntlo ya Jehova, le lerako le teelang Jerusalema hare.


Ke Baana, mora Akilude, a beilwe Thaanake, le Megiddo, le naheng yohle ya Bethe-Sheane e haufi le Tsarthane, katlasa Jisreele, ho tswa Bethe-Sheane, ho isa Abele-Mehola, le ho feta Jokmeame.


Yaba morena Salomone o kgetha banna hara Baiseraele bohle; ha kgethwa banna ba dikete tse mashome a mararo.


ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.


Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


Moradi wa Faro hoba a tlohe motseng wa Davida, a kena tlung ya hae eo a e hahetsweng; ke mohlang oo Millo e hahilweng.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.


Ba ba nea metse ya setshabelo: ke Sikeme, thabeng ya Efraime, le mathoko a teng; le Gesere ka mathoko a teng,


Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.


Kamora dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Salomone a neng a ahile ntlo ya Jehova le ntlo ya hae,


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.


Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.


Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,


Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.


Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng.


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,


Haele Efraime, ha a ka a leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba nna ba aha le bona Gesere.


Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.


Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.


Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!


Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ