Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:65 - Sesotho 1909/1961 (SO)

65 Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

65 Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:65
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.


Le banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena Salomone, ka mokete wa kgwedi ya Ethanime, e leng kgwedi ya bosupa.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Salomone a kgutlisa setjhaba; hobane ba hlohonolofatse morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


A boela a lata moedi wa Iseraele, ho qala pela Hamathe ho isa lewatleng la Lehwatata, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a boletse ka mohlanka wa hae moporofeta Jonase, mora Amitthai, wa Gathe-Hefere.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.


Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.


Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.


Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.


Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.


Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.


Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.


Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,


ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.


ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,


ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe.


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa.


Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ