Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:64 - Sesotho 1909/1961 (SO)

64 Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

64 Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:64
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o etsa aletare ya koporo; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse leshome.


Salomone a kgetha sebaka mahareng a lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa ditjheso le mafura a mahlabelo a teboho, hobane aletare ya koporo e entsweng ke yena Salomone, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura.


hobane dintho tsa ho sebetsa mosebetsi wohle di ne di se di lekane; le ho sala di ne di tla sala.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ