Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:63 - Sesotho 1909/1961 (SO)

63 Salomone a hlaba sehlabelo sa teboho, seo a se hlabelang Jehova, sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le bana bohle ba Iseraele ba kgethela Jehova ntlo jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

63 Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:63
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.


Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Yaba morena le setjhaba kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.


Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.


Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.


Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.


Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.


Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?


Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ