Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:58 - Sesotho 1909/1961 (SO)

58 hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

58 A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:58
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mantswe ana a ka ao ke rapetseng Jehova ka wona, ha a ke a be pela Jehova, Modimo wa rona, motshehare le bosiu, a tle a tiise taba tsa mohlanka wa hae, le taba tsa setjhaba sa hae sa Iseraele, e nngwe le e nngwe ka tsatsi le o loketseng.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.


Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ