Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

53 Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:53
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ