Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:51 - Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

51 Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:51
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.


o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona, mme u tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.


Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.


Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.


Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Yaba Nebukadnesare o atamela pela molomo wa sebopi sa mollo o bohale, a bua, a re: Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Modimo o hodimodimo, tswang, le tle mona! Yaba Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba tloha hara mollo.


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ