Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: ‘Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:47
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwang ke dira tsa sona, kahobane se o sitetswe, ha se ka sokolohela ho wena, sa rorisa lebitso la hao, sa rapela, sa qela ho wena tlung ena,


ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, mme ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya kgoleho, ba re: Re o sitetswe, re entse hampe, re sebile;


Ba mofuta wa Iseraele ba ikgetha ho bana bohle ba baditjhaba, mme ba itlhahisa pela Modimo, ba ipolela dibe tsa bona, le makgopo a bontata bona.


Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.


O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Leha ke ba jadile hara ditjhaba, ba tla nkgopola naheng tse hole, mme ba tla phela le bara ba bona, ba be ba kgutle.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ