Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:39
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.


o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.


leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,


hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,


Empa tshwarelo e teng ho wena, o tle o tshajwe.


O ba fe moputso o lokelang mesebetsi ya bona le bolotsana ba diketso tsa bona! O ba putse ka mosebetsi wa matsoho a bona, o busetse ho bona kamoo ba entseng kateng.


Nqalong ya bodulo ba hae o lemoha baahi ba lefatshe kaofela.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;


Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ