Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:37
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,


kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng!


Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!


Ka diboko wa fedisa masimo a bona, le ka tsie ditholwana tsa tshebetso ya bona.


Ke yena ya o tshwasollang lerabeng la setsomi, lefung le akaretsang.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ