Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:36
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.


Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo.


Ho se hokae, mahodimo a ntshofala ke maru le ke moya, ha na pula e kgolo.


O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!


HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong!


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


O nkelellwe ka lereko la hao ka baka la mohau wa hao, Jehova!


Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.


Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela;


Phutheho ya hao ya ikahella teng; wa lokisetsa ya lesitsi mohau wa hao, Modimo!


Modimo wa nesa pula ya medupe, mme lefa la hao le kgathetseng wa le tiisa.


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ