Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Mohla setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwang ke dira tsa sona, kahobane se o sitetswe, ha se ka sokolohela ho wena, sa rorisa lebitso la hao, sa rapela, sa qela ho wena tlung ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se tlotlisa lebitso la hao, se o rapela, se o kopa se le ka tlung ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:33
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ke o mamele o le mahodimong, mme o leselle setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng bontata sona.


ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;


ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo;


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Ekaba ba tla bea thapelo ya bona pela Jehova, ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, hobane bohale bo boholo le yona kgalefo e kgolo eo Jehova a e boletseng bakeng sa setjhaba sena.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ