1 Marena 8:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)30 Mamela diqelo tsa mohlanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao; o mamele, o be o tshwarele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE30 “Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.