1 Marena 8:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE29 Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Haele Roboame, mora Salomone, ya eba morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa; a busa ka lemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, motse o neng o kgethilwe ke Jehova hara metse yohle ya meloko ya Iseraele, ho bea lebitso la hae teng. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.
Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.