Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 “Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:25
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.


O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o ne o buile le ka molomo wa hao, mme o phethile tsohle ka letsoho la hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.


Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ