Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue. Ke tswetswe tlung ya Davida, ntate; ke dutse teroneng ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!


a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Ntswe lefe kapa lefe leo ke le buileng, ntswe leo le tla phethahala, ha le sa tla diehiswa. Hobane ke mehleng ya lona, lona ba ntlo ya bahanyetsi, ke tlang ho bua lentswe le itseng, mme ke tla le etsahatsa: ho rialo Morena Jehova.


Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.


O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.


a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ