Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke fela ke o hahetse ntlo hore o ahe teng, nqalo eo o tla ba ho yona kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Jwale ke o hahetse Tempele ya bodulo, baka se tsitsitseng sa bodulo ba mehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Ke yena ya tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.


Bona jwale hoba Jehova o o kgethile hore o hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, mme o etse.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


O itse ho nna: Ke mora hao Salomone ya tla haha ntlo ya ka le mabala a ka; hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.


Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.


O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.


a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.


Jwale, ba tla lahlela ho boka ha bona le ditopo tsa marena a bona hole le nna, mme ke tla dula hara bona ka ho sa feleng.


le ya anang ka tempele, o ana ka yona le ka ya ahileng ho yona;


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ