Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.
Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.
Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.
Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.