Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

48 Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:48
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Le dipane, le dipitsana, hohle hoo e leng kgauta e hlwekileng le silefera e hlwekileng, tsa nkwa ke molaodi wa bahlabani ba morena.


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


A etsa le ditafole tse leshome, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi. A etsa le mafiso a lekgolo a kgauta.


Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;


le tafole, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;


le aletare ya kgauta, le ole ya setlolo le dibano tse monko o monate, le lesela le homilweng la monyako wa tente;


A ntoo isa aletare ya kgauta tenteng ya pokano, pela lesira;


Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.


Hape, ho le tafole tse nne tsa ditjheso, tsa majwe a betlilweng, tse bolelele bo tswe se nang le halofo, le bophara bo tswe se nang le halofo, le bophahamo bo tswe se le seng, tseo ho bewang hodima tsona msebetsi ya ho hlaba ditjheso le mahlabelo.


e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.


Bona ba tla kena sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa, ba boloke tseo ke di beileng.


Empa lona, le a le hlompholla, ha le ntse le re: Tafole ya Jehova e ditshila, le se tswang ho yona ke sejo se nyatsehang.


kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?


Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ