Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 A bea didulwana tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo, tse hlano tse ding ho le letshehadi la ntlo; a bea letsha lehlakoreng le letona la ntlo, ho leba nqa botjhabatsatsi, e le ka nqa borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 A bea dikariki tse hlano ka lehlakoreng le letona la Tempele, le tse ding tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi la Tempele. Tanka yona a e bea ka borwa bo ka botjhabela ho Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:39
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo bopa merifi e leshome ya koporo, morifi o mong le o mong o tshetse dibathe tse mashome a mane. Morifi o mong le o mong boholo ba wona e ne e le ditswe tse nne, mme sedulwana se seng le se seng ho tse leshome se ne se na le morifi wa sona.


Hirame a bopa le dipitsa, le dikgarafu, le mafiswana. Hirame a phetha jwalo mosebetsi wohle wa ntlo ya Jehova, oo a o laetsweng ke morena Salomone:


Haele letsha, a le bea ho le letona ho ntlo, le lebile botjhabela, empa e le ka nqa borwa.


A etsa merifi e leshome; a bea e mehlano ka ho le letona ho ntlo, e meng e mehlano ka ho le letshehadi, hore ho tle ho hlatsuwe dintho ho yona. Ho ne ho hlatsuwa ho yona mekgekgetho e meng ya ditjheso; haele letsha lona baprista ba ne ba iphotla ho lona.


A etsa dikandelare tse leshome tsa kgauta, ka mokgwa wa tsona o laetsweng, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ