Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 A ntoo bopa merifi e leshome ya koporo, morifi o mong le o mong o tshetse dibathe tse mashome a mane. Morifi o mong le o mong boholo ba wona e ne e le ditswe tse nne, mme sedulwana se seng le se seng ho tse leshome se ne se na le morifi wa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Jwale Hirame a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose. Sekotlolo ka seng se ne se tshela dilethara tse ka bang makgolo a robedi; bolelele ba boahlamo ba sona e le dimethara tse ka bang pedi. E nngwe le e nngwe ya dikariki tse leshome e ne e ena le sekotlolo sa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:38
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo etsa didulwana tse leshome tsa koporo; boholo ba sedulwana se seng e ne e le ditswe tse nne, bophara e le ditswe tse nne, bolelele e le ditswe tse tharo.


A bea didulwana tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo, tse hlano tse ding ho le letshehadi la ntlo; a bea letsha lehlakoreng le letona la ntlo, ho leba nqa botjhabatsatsi, e le ka nqa borwa.


le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona.


Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ