Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 A betla dikerubime le ditau le dipalema mamating a mahetla a sona le mahlakoreng a sona, kamoo sebaka se leng ka teng; ho ne ho le meqhaka e potang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:36
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo betlela maboteng wohle a ntlo ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, ho qala kahare, ho isa kantle.


Mamati a mabedi a etswa ka mohlwaare; teng a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, a di maneha ka kgauta; a maneha le dikerubime le dipalema ka kgauta.


A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.


Mahlakoreng a fapilweng ka ditshenatshe ho ne ho na le ditau le dikgomo le dikerubime; hodima ditshenatshe ho ne ho le jwalo, katlasa ditau le dikgomo ho ne ho na le mekadi e lepeletseng.


Kahodima sedulwana ho ne ho na le botjhitja, bolelele ba bona e le setswe se le seng, mme kahodima sedulwana, ho ne ho le mahetla le mahlakore a sona, a etswa ho sona.


A bopa didulwana tse leshome jwalo; tsohle tsa eba mmopo o le mong, le tekano e le nngwe, le boholo bo lekanang.


E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne. Sefahleho sa ya pele e ne e le sefahleho sa kerubime, sefahleho sa ya bobedi e ne e le sefahleho sa motho, sa ya boraro e le sefahleho sa tau, sa ya bone e le sefahleho sa ntsu.


Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


Ditshiya tsa wona di lebile nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ