Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba o etsa letsha le tsholotsweng, ya eba ditswe tse leshome ho nka morumong o mong ho isa ho o mong, le le letjhitja, botebo ba lona e le ditswe tse hlano, tekanyo ya botjhitja e le ditswe tse mashome a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Jwale Hirame a etsa tanka e tjhitja ka lethose le qhibidisitsweng. Botebo ba yona e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bolelele ba boahlamo ba yona e le dimethara tse nne le halofo, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mokgabo o kang dipalesa wa etsetswa dihlooho tsa ditshiya. Ebile moo mosebetsi wa ditshiya o phethwang.


le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi, tlasa letsha;


Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.


Jwale, morena Akase a bolaya mahlakore a didulwana, a tlosa merifi e hodima tsona; a theosa le letsha kgomong tsa koporo tse tlasa lona, a le bea hodima sebotoboto sa majwe.


Haele ditshiya tsa koporo tse ka tlung ya Jehova, le didulwana, le letsha la koporo le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di robaka dikoto, ba isa koporo ya tsona Babilona.


Hape, Davida a nka metseng ya Hadaresere, Thibhathe le Kune, koporo e ngata haholo, eo Salomone a kileng a etsa letsha la koporo le ditshiya le dipitsa tsa koporo ka yona.


Hape a etsa letsha le tsholotsweng; le ne le le ditswe tse leshome ho nka morumong o mong ho tlisa morumong o mong; le ne le le letjhitja, botebo ba lona e le ditswe tse hlano, tekanyo ya botjhitja ba lona e le ditswe tse mashome a mararo.


Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa ditshiya, le sa letsha, le sa didulo, le sa mafiso a mang a sa setseng motseng wona,


Ditshiya tsa koporo tse neng di le ka tlung ya Jehova, le didulo, le letsha la koporo le neng le le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di bolaya, mme koporo kaofela ba ya le yona Babilona.


Haele ditshiya tse pedi, le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tsa koporo, tse neng di le tlasa lona, le didulo tse neng di etseditswe ntlo ya Jehova ke Salomone, koporo ya mesebetsi eo kaofela e ne e se na ho lekanngwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ