Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, a hloma ditshiya, di lebane le mathule a tempele; a hloma tshiya tsohong le letona la wona, a e rea Jakine (o tla tiisa); a hloma e nngwe ho le letshehadi, a e rea Boase (o ne le matla).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Hirame a hloma ditshiya lethuleng la Tempele. Tshiya e ka letsohong le letona a e bitsa Jakine, e ka letsohong le letshehadi a e bitsa Boase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:21
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Mathule a ka pele ho tempele, bolelele ba wona ya eba tswe tse mashome a mabedi, ho lekana le bophara ba ntlo, bophara ba wona e le ditswe tse leshome pela ntlo.


Lebala le leholo le neng le pota matlo la teelwa hare ka majwe a kolohantsweng ka boraro, a betlilweng, le ka lethathamo la difate tsa kedare, kamoo ho neng ho entswe kateng le lebaleng le hare la ntlo ya Jehova, le mathuleng a ntlo.


Mokgabo o kang dipalesa wa etsetswa dihlooho tsa ditshiya. Ebile moo mosebetsi wa ditshiya o phethwang.


A hloma ditshiya pela tempele, e nngwe ka ho le letona, e nngwe ka ho le letshehadi; a rea e leng ka ho le letona Jakine (o tla tiisa); e leng ka ho le letshehadi a e rea Boase (o na le matla).


le digaranata tse makgolo a mane tsa matanta a mabedi, ho le mela e mmedi ya digarnata letanteng le leng le le leng, ho sireletsa dihlooho tse tjhitja tse pedi tse dintlheng tsa ditshiya.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


Yaba matsalae o mmotsa, a re: O thonakile kae kajeno? O sebeditse kae? Ho bokwe ya o etseng hloko! Ruthe a bolella matsalae motho eo a sebeditseng ha hae, a re: Lebitso la monna eo ke sebeditseng ha hae kajeno ke Boase.


Salma a tswala Boase, Boase a tswala Obede,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ