Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke mora mosadi wa baradi ba Dane, ntatae e mpa e ne e le motho wa Tire. O tseba ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le majwe, le difate, le sekarelata, le purepera, le lene e ntle, le vermilione; le ho betla ka mekgwa yohle, le ho qapa ditshwantsho tse mefutafuta kamoo ho ka batlwang ho yena kateng. O tla tlatsana le banna ba hao ba masene le banna ba masene ba ntatao Davida, monga ka.


Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela?


Hurame a etsa le dipitsa, le mangeta a olang melora, le mafiso. Hurame a qetella jwalo mosebetsi oo a o etseditseng morena Salomone, tlung ya Modimo;


le dipitsa, le mangeta a molora, le difereko, le mesebetsi yohle ya teng. Hurame-Abi a di etsetsa ntlo ya Jehova ka taelo ya morena Salomone, tsa etswa ka koporo.


O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:


Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;


o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,


O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.


Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.


Banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi, ba sebetsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera le sekarelata, le krimsone; a etswa a homilweng ka dikerubime, ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene;


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ