Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:5
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


A etsetsa monyako wa sehalaledisiso mamati a mohlwaare a bulwang hare, fate tse hodimo le tse mahlakoreng tsa nka karolo ya bohlano ya lebota.


Kamore tse katlase bophara ba tsona e ne e le ditswe tse hlano, tse hare bophara ba tsona e le ditswe tse tsheletseng, tsa boraro bophara ba tsona e le ditswe tse supileng; hobane o ne a hahile ka majwe a ntshang dintlha lerakong lohle la ntlo, hore difate di se kene marakong a ntlo.


Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.


Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


le dikandelare, le dilampi tsa tsona tsa kgauta e hlwekileng tse hotetswang ka taelo ya teng pela serapello;


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.


Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.


Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.


Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!


Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.


A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ