Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Pudungwana, e leng kgwedi ya borobedi, Tempele ya phethwa kahohlehohle, ho ya ka moralo wa yona. Solomone o ne a qete dilemo tse supileng a ntse a haha Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:38
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya be e se e le dilemo tse makgolo a mane a nang le mashome a robileng meno e le mmedi bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ha Salomone a qala ho haha ntlo ya Jehova, e le ka selemo sa bone sa ho busa ha hae Iseraeleng, ka kgwedi ya Sife, e leng kgwedi ya bobedi.


Salomone a haha ntlo jwalo, a ba a e phetha.


Motheo wa ntlo ya Jehova wa thewa ka selemo sa bone sa ho busa ha Salomone, ka kgwedi ya Sife;


A haha ntlo jwalo, a e phetha, a kwahela ntlo ka difate le ka dipolanka tsa kedare.


Salomone a ikgahela le ntlo ya hae ka dilemo tse leshome le metso e meraro, mme a phetha ntlo ya hae yohle.


Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Kamora dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Salomone a neng a ahile ntlo ya Jehova le ntlo ya hae,


Mosebetsi wohle wa Salomone wa phetheha jwalo, ho qala mohla ho thewang ntlo ya Jehova, ho fihlela e ba e phetheha. Ntlo ya Jehova ya phetheha kahohle.


Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.


Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.


Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.


Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ