Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 A bea dikerubime hara ntlo, di otlolotse mapheo a tsona, lepheo la e nngwe le kgitla lebota, mme lepheo la kerubime e nngwe le kgitla lebota le leng; a mang mapheo a tsona a ne a amane mahareng a ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolelele ba kerubime e nngwe e ne e le ditswe tse leshome, le ba kerubime ya bobedi bo le bokalo.


Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


Hobane dikerubime di be di otlollela mapheo a tsona hodima sebaka sa areka, dikerubime di sireletsa areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.


Mapheo a dikerubime, bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi; lepheo la e nngwe bolelele ba lona e ne e le ditswe tse hlano, le ne le kgitla lebota la ntlo; lepheo le leng le lona le bolelele ba ditswe tse hlano le ne le amana le lepheo le leng la kerubime ya bobedi;


Hobane dikerubime di ne di otlolletse mapheo a tsona hodima areka, dikerubime di sireleditse areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.


Dikerubime di ke di otlollele dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumetse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, mme di tadimane ka difahleho; difahleho tsa dikerubime di tadime nqa sekwahelong.


Dikerubime di ne di otlollela dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumeditse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, difahleho di tadimane; mme difahleho tsa dikerubime di ne di tadimile nqa sekwahelong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ