1 Marena 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Haele bakeng sa ntlo eo o e hahang, ekare ha o tsamaya ka melao ya ka, o tiisa dikahlolo tsa ka, o boloka ditaelo tsa ka tsohle, o tsamaya ka tsona, ke tla o etsetsa ka pallo eo ke e boleletseng ntatao Davida. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE12 “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.
Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.