Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ya be e se e le dilemo tse makgolo a mane a nang le mashome a robileng meno e le mmedi bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ha Salomone a qala ho haha ntlo ya Jehova, e le ka selemo sa bone sa ho busa ha hae Iseraeleng, ka kgwedi ya Sife, e leng kgwedi ya bobedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:1
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo eo morena Salomone a ileng a e hahela Jehova, bolelele ba yona ya eba ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse mashome a mararo.


Motheo wa ntlo ya Jehova wa thewa ka selemo sa bone sa ho busa ha Salomone, ka kgwedi ya Sife;


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Johanane a tswala Asaria, ya kileng a tshwara tshebetso ya boprista tempeleng e hahilweng Jerusalema ke Salomone;


Ke ena metheo eo Salomone a e theileng ho haha ntlo ya Modimo ka yona; bolelele e ne e le ditswe tse mashome a tsheletseng tsa ditswe tsa tekanyo ya kgale, bophara e le tswe mashome a mabedi.


Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.


A tiisa sehalalelo sa hae jwaloka dithaba, jwaloka lefatshe leo a le theetseng mehla e sa feleng.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Yaba o nkenya tempeleng, mme a lekanya ditshiya, di le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwano, le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwana, ho lekana le bophara ba tabernakele;


Hlwellang thabeng, le tlise difate, le hahe ntlo, mme ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.


hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.


Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ