Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 5:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao.


Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Hape, Salomone a bea matona a leshome le metso e mmedi hodima Baiseraele bohle, hore a batlele morena le ntlo ya hae dijo; e nngwe le e nngwe e ne e tshwanetse ho batla dijo ka kgwedi e nngwe, ka selemo se seng le se seng.


Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.


Yaba Hirame o romela ho Salomone, a re: Ke utlwile kamoo o rometseng ho nna kateng; haele dikedare le dikiprese, ke tla o etsetsa kamoo o ratang kateng.


leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!


Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.


Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi.


Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae.


Ntata ya lokileng o tla nyakalla haholo; ya tswetseng ngwana ya bohlale o tla thaba ka yena.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ