Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka selemo se seng le se seng Solomone a nea Hirame dikilo tse ka bang dimilione tse pedi tsa koro, le dilethara tse ka bang dikete tse makgolo a mane tsa ole e hlwekileng ya mohlwaare, ho fepa lelapa la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 5:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;


Ebile moo Hirame a neang Salomone dikedare le dikiprese, kamoo a ratang kateng.


Bara ba Sera ke Simri, Ethane, Hemane, Kalkole, le Dara; kaofela ha bona ba bahlano.


Bara ba Merari ke Mahali, le Libni, mora wa hae, le Shimei, mora wa hae, le Ussa, mora wa hae,


Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.


Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe jwalo ka moeno le ka bohlale.


Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova ka ho sa yeng kae; molomo wa ka o tla tumisa botshepehi ba hao ho isa ditloholwaneng,


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ