Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke eletsa ke hona, ke re: Baiseraele bohle ba ke ba phuthelwe ho wena, ho tloha Dane le ho ya fihla Beerseba, ba be ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme le wena o futuhe ka sebele sa hao.


Ha ho le jwalo, Jehova a nehela Iseraele lefu la sewa, ho qala ka nako ya hosasa, ho fihla nakong e beilweng, le ho tloha Dane, ho isa Beerseba. Ha eshwa batho ba mashome a supileng a dikete hara setjhaba.


Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


Le se ke la mamela Esekiase; hobane morena wa Assiria o re: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


o re: Ke tla futuhela lefatshe leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka kgotso, ba ahileng ba iketlile, ba dutseng ho se marako, ho se mekwallo le mamati.


Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Baiseraele bohle, ho qala ka Dane, ho isa Beerseba, ba tseba hobane Samuele o beilwe moporofeta wa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ