Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Solomone o ne a busa naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ho tloha Tifesa, ho ya fihla Gasa; a busa le dikgosi tsohle tsa naha eo. O ne a phedisana ka kgotso le ditjhaba tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.


Haele nna, Jehova, Modimo wa ka, o mphomoditse ka nqa tsohle; ha ho sera le matsoso.


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.


Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Dithaba di tla tlisetsa setjhaba kgotso, le wona maralla ka baka la ho loka ha hae.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.


Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ