Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Dijo tsa Solomone, tsa letsatsi le leng le le leng, e ne e le dikilo tse ka bang dikete tse tharo tsa phofo e thumisehileng, le dikilo tse ka bang dikete tse tsheletseng tsa phofo feela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.


Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.


le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa tsebeletso ya bahlanka ba hae, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae le diaparo tsa bona, le methatinyana ya hae eo ho neng ho nyolohelwa tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Haele ho neng ho apehelwa tsatsi le leng le le leng, ke ne ke apehelwa kgomo e nngwe le dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le dikgoho; le veine e ngata e mefutafuta, ka leshome le leng le le leng la matsatsi. Leha ho le jwalo, bakeng sa tseo, ha ke a ka ka batla bohobe ba mmusisi, kahobane tshebeletso ena e ne e le boima hodima setjhaba sena.


mme ke ka tsebo dikamore tsa yona di tlalang menono ya bohlokwa, e kgahlehang.


Ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata; ha ho le jwalo, monga wona o ruang ka wona, haese ho iponela wona ka mahlo a hae?


Morena a laela seo ba tlang ho se fuwa ka tsatsi le leng le le leng sa dijo tse hlabosang tsa morena le sa veine e nowang ke yena, hore ba tle ba hodiswe jwalo ka dilemo tse tharo; etlere ha di se di fetile, ba ntoo kena tshebeletsong ya morena.


O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ