Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng, re sa o amohe morena wa Siria?


Yaba moporofeta Elisha o bitsa e mong wa bara ba baporofeta, a re ho yena: Itlame letheka, o nke lenaka la ole letsohong la hao, o ye Ramothe-Gileade.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Bageshure le Baarame ba ba amoha metse ya Jaire, le Kenathe ka metsana ya teng, e le metse e mashome a tsheletseng. Metse eo kaofela e ne e le ya bara ba Makire, ntata Gileade.


Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.


Thaba tsa Modimo, thaba tsa Bashane, thaba tse dihlorohloro, thaba tsa Bashane,


Jaire, mora Manasse, a futuha, mme a hapa metse, a e bitsa Havvoth-Jaire.


Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.


Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.


Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.


Ke Betsere, feelleng, lehwatateng, naheng ya Barubene; le Ramothe-Gileade, naheng ya Bagade; le Golane, Bashane, naheng ya Bamanasse.


Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.


Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ