Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Empa mosadi eo ngwana ya phelang e leng wa hae, a sehwa ke mala ka baka la ngwana hae, mme a bolella morena, a re: Oho, monga ka, ha ho mpe ho newe enwa ngwana ya phelang, a se ke a bolawa. Empa e mong a re: E ke ke ya eba wa ka, leha e le wa hao; a petsolwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:26
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.


Morena a re: Petsolang ngwana ya phelang kalehare, le nee mosadi e mong mokgekgetho o mong, e mong a nke mokgekgetho o mong.


Yaba morena o fetola, a re: Neang eo ngwana ya phelang, a se ke a bolawa; efela ke mmae.


pelo ya ka e ne e tjhesa sefubeng sa ka, mehopolo ya ka e ne e tukisa mollo, yaba leleme la ka le bua, la re:


Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.


Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Ba thotofetse, ha ba na molomo o tshepehang, ha ba na lerato la hlaho, ba na le bohale bo sa tapeng, ha ba na ho utlwela ba bang bohloko.


Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.


Ka baka leo, ekare ha tshediso e le teng ho Kreste, ha ho le kgothatso ya lerato, ha ho le kopano ya Moya, ha ho le lereko le mehauhelo,


e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;


Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ