Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.
Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.