Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Modimo wa re ho yena: Erekaha o kopile taba eo, o sa ka wa ikopela matsatsi a mangata, leha e le lefumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o mpa o ikopetse kelello ya ho tseba ho ahlola,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:11
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Polelo eo ya kgahlisa Morena, hobane Salomone a kopile taba eo.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,


Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ