A ba a re ho Josafate: Na o tla ya le nna ho lwantsha Ramothe-Gileade na? Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka dipere tsa hao.
Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.
Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?
Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.
Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,
O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.
Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?
O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.
Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.
Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.
Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.