Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

49 Yaba Akasiya, mora wa Akabe, o re ho Jehoshafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe.” Empa Jehoshafate a hana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:49
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Akasia, mora Akabe, a re ho Josafate: Bahlanka ba ka ha ba ke ba ye dikepeng le bahlanka ba hao; empa Josafate a se ke a dumela.


Morena Salomone a haha sehlopha sa dikepe Etsione-Gebere, e pela Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.


Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.


Ba ya Ofire, ba lata teng kgauta le ditalenta tse makgolo a mane a mashome a madebi, ba e tlisetsa morena Salomone.


Kamora tseo, Josafate, morena wa Juda, a ikopanya le Akasia, morena wa Iseraele, ya neng a phela ka bokgopo;


Seo re neng re se boleletswe, re iponetse sona motseng wa Jehova wa makgotla, motseng wa Modimo wa rona; Modimo o o tiisitse ka ho sa feleng. (Sela.)


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ